Kedibone Matshela o buisana le setsibi ditabeng tsa dipolotiki e leng Reaobaka Kalaote...
Setho sa Palamente ActionSA, Dereleen James, o butse nyewe ya ditlolo tsa molao kgahlanong le Letona la Ntshetsopele ya Setjhaba, Sisisi Tolashe, setsheng sa Sepolesa sa Cape Town Central. Sena se latela diqoso tsa hore Tolashe o hlolehile ho phatlalatsa dikoloi tse majabajaba tseo ho tlalewang a di fumane ho barumuwa ba China. Diqoso tsena di hlahisitse matshwenyeho mabapi le ponahaletso le ho latela melao ya ho phatlalatsa thepa ya Palamente. Ho sa le jwalo, Democratic Alliance (DA) e kopile SARS hore e batlisise tjhelete e tshehetsang Patriotic Alliance (PA). Sena se latela diqoso tsa hore moetapele wa mokgatlo, Gayton McKenzie, o amehile ditlong tsa moalo tse hlophisitsweng. Leha ho le jwalo, McKenzie o hanne diqoso tsena, a di bitsa tse se nang motheo. Motho ya ahlotsweng ka boshodu, Jermaine Prim, ke e mong wa ba entseng diqoso tsena. Modulasetulo wa DA Western Cape, JP Smith, o re diqoso tsena di boima haholo mme di tshwanetse ho batlisiswa ka botebo.

LESEDI FM-MATSHOHLO-9 APRIL 2026-DA FEDERAL
12:13

LESEDI FM-MATSHOHLO-8 APRIL 2026-MISA-PARAFFIN
07:43

IMATLAFATSE - Northern Cape's Sol Plaatje Local Municipality in Kimberley might be placed under administration.
05:14