Kedibone Matshela o buisana le mmuelli wa Motor Industry Staff Association-MISA ka bokgutshwanyane e leng Phakamile Hlubi Majola...
Mokgatlo wa Motor Industry Staff Association (MISA), ipiletsa ho mmuso wa Afrika Borwa ho kenella hanghang ka ho rarolla bothata ba ho phahama ha theko ya parafine. Theko ya parafine e nyolohile ka ho feta R11 ka lithara, e leng se tsosang matshwenyeho a maholo ka bofuma ba matla (energy poverty), haholoholo ho malapa a itshetlehileng ka parafine bakeng sa ho pheha le ho futhumatsa matlo. Le ha mmuso o phatlalalitse phokotso ya nakwana ya R3 ho lekgetho la mafura (fuel levy) bakeng sa kgwedi ya Mmesa 2026, MISA e re mehato ena ha e lekane ho thusa batho ba futsanehileng. Mokgatlo o hatella hore mmuso o nke mehato e tobileng ho fokotsa theko ya parafine, kaha sena se ama bophelo ba batho ba bangata ka kotloloho

LESEDI FM-MATSHOHLO-9 APRIL 2026-CORRUPT MINISTERS
09:23

LESEDI FM-MATSHOHLO-9 APRIL 2026-DA FEDERAL
12:13

IMATLAFATSE - Northern Cape's Sol Plaatje Local Municipality in Kimberley might be placed under administration.
05:14