Lesedi FM Current affairsLesedi FM Current affairs

LESEDI FM-MATSHOHLO-9 APRIL 2026-CORRUPT MINISTERS

View descriptionShare
 

Kedibone Matshela o buisana le setsibi ditabeng tsa dipolotiki e leng Reaobaka Kalaote...

Setho sa Palamente  ActionSA, Dereleen James, o butse nyewe ya ditlolo tsa molao kgahlanong le Letona la Ntshetsopele ya Setjhaba, Sisisi Tolashe, setsheng sa Sepolesa sa Cape Town Central. Sena se latela diqoso tsa hore Tolashe o hlolehile ho phatlalatsa dikoloi tse majabajaba tseo ho tlalewang a di fumane ho barumuwa ba China. Diqoso tsena di hlahisitse matshwenyeho mabapi le ponahaletso le ho latela melao ya ho phatlalatsa thepa ya Palamente. Ho sa le jwalo, Democratic Alliance (DA) e kopile SARS hore e batlisise tjhelete e tshehetsang Patriotic Alliance (PA). Sena se latela diqoso tsa hore moetapele wa mokgatlo, Gayton McKenzie, o amehile ditlong tsa moalo tse hlophisitsweng. Leha ho le jwalo, McKenzie o hanne diqoso tsena, a di bitsa tse se nang motheo. Motho ya ahlotsweng ka boshodu, Jermaine Prim, ke e mong wa ba entseng diqoso tsena. Modulasetulo wa DA Western Cape, JP Smith, o re diqoso tsena di boima haholo mme di tshwanetse ho batlisiswa ka botebo. 

  • Facebook
  • X (Twitter)
  • WhatsApp
  • Email
  • Download

In 2 playlist(s)

Lesedi FM Current affairs

Lesedi News and Current Affairs. Brought to you by SABC News.
Social links
Recent clips
Browse 698 clip(s)