MAKUMANE : ROAD RAGES (24/04/2025). Puisano e pakeng tsa sebohodi sa lenaneo la ditaba la Makumane Matsheuwa Mofokeng le setsebi se sebetsang haholo ka maikutlo a batho/ social psychologist Thabo Monyatsi le setsebi sa tshireletso kapa taolo ya mabitso haholo a tummeng/ brand and reputation management Expert Tshepo Matseba.: Taba eo re e tsepamisetsang maikutlo hajwale ke ya dintwa kapa qwaketsano tse etsahalang mebileng pakeng tsa bakganni. Re sa tswa utlwa hore sebohodi sa e nngwe ya kanale tsa theleveshene e tlalehang ditaba mona Afrika Borwa se behelletswe ka thoko nakwana mosebetsing ka lebaka la qwaketsano eo se bileng le yona le mokganni e mong. Kgatisong ya video e tletsetletseng ho marangrang a dipuisano tsa setjhaba, Mokganni eo wa mosadi eo ho tlalehwang ele moithuti wa Yunivesithi o qosa sebohodi seo ka hore se mo otlile sa ba sa thula koloi ya hae ka boomo, ha sebohodi sona se qosa moithuti eo ka hore o mo rohakile a mo supisa monwana o mahareng. Hona kgatisong eo ya video koloi eo ho hlaloswang e thutswe ka boomo e hlahile ena le mengwapo ka lehlakoreng. Ha se ketsahalo ena fela, moraong tjena mokganni o lokollotswe ditlamong ka beili ya diranta tse dikete tse hlano(R5000) kamora ditlaleho tsa hore o thuntse mokganni e mong ka makgetlo a mane Sandton, ha re tlalehetswe hore Kwazulu Natal teng qwaketsano tsa bakganni mmileng di lebisitse hore makoloi a thulane batho ba hlokahale ba bang ba tswe dikotsi.

MATSHOHLO-UNION AGAINST HUNGER
08:36

LESEDI FM-IMATLAFATSE-MADLANGA ELMARIE
04:54

LESEDI FM-IMATLAFATSE-ANC IEC
04:04